Hobane bohle ba sitilwe, mme ha ba tshwanelwe ke kganya ya Modimo. BaRoma 3:23 Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona. BaRoma 6:23 Hobane le bolokehile ke mohau, ka tumelo; ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo: hase ka mesebetsi, ho tle ho se ke ha eba motho ya ithorisang. BaEfese 2:8-9 Molekgetho yena a ema hole, a tshaba le ho lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a mpa a iteta sefuba, a re: Modimo, nkgauhele, nna ke leng moetsadibe. Luka 18:13 Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng. Hobane Modimo o romile Mora wa wona lefatsheng, e seng hore a ahlole lefatshe, empa e le hore lefatsh le bolokwe ke yena. Johanne 3:16-17 Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o la tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara. I BaKorinthe 10:13 Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng jwale, leha e le tse tlang ho tla, leha e le bohodimo, leha e le botlase, leha e le sebopuwa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Modimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena wa rona. BaRoma 8:38-39 hobane Kreste ke phetho ya molao, ho bea ya lokileng mang le mang ya dumelang. BaRoma 10:4 Hobane o itse: Ke o utlwile nakong e tshwanelang, mme ke o thusitse ka letsatsi la pholoho. Bonang, jwale ke nako e tshwanelang; bonang, jwale ke letsatsi la pholoho. II BaKorinthe 6:2 Eitse ha ba utlwa hoo, ba hlajwa dipelo, mme ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: Banna ba heso, re tla etsa jwang? Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobeletswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka neo ya Moya o Halalelang. Diketso 2:37-38 Le ho apara motho e motjha, ya bopilweng ka setshwantsho sa Modimo, ho lokeng le kgalalelong ya nnete. BaEfese 4:24 Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ha ho ya lokileng, leha a le mong; BaRoma 3:10 Ka baka leo, jwalokaha sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, mme lefu le kene ka sebe, ka mokgwa o jwalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitilwe bohle. BaRoma 5:12 Efela, ha re ne ra se na matla, Kreste a shwa ka nako e tshwanelang, sebakeng sa ba sa reng letho ka Modimo. BaRoma 5:6 Empa moo Modimo o totisitseng lerato la wona ho rona teng, ke ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a shwa sebakeng sa rona. BaRoma 5:8 Ya bonahaditsweng ka matla hoba ke Mora wa Modimo, ka Moya o Halalelang, ka ho tsoha ha hae bafung; BaRoma 1:4 Re tswe re tseba hoba Kreste, ha a se a tsohile bafung, ha a sa boela a eshwa; lefu ha le sa na matla ho yena. BaRoma 6:9 E reng: Ekare ha o bolela ka molomo wa hao hobane Jesu ke Morena, mme o dumela pelong ya hao hobane Modimo o mo tsositse bafung, o tla bolokeha. BaRoma 10:9 Hobane mang le mang ya rapelang lebitso la Morena, o tla bolokeha. BaRoma 10:13 Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng jwale, leha e le tse tlang ho tla, leha e le bohodimo, leha e le botlase, leha e le sebopuwa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Modimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena wa rona. BaRoma 8:38-39